Morena ke morena ka batho: Tokelo ea ho nka karolo pusong Afrika Boroa
South African Journal on Human Rights · 02.10.2025 · 41 (3-4) · 260-279
DOI: 10.1080/02587203.2026.2634909 ↗Kurz gefasst
Fachartikel in der Zeitschrift South African Journal on Human Rights, online erschienen am 11.03.2026. Verfasst von Hoolo ‘Nyane. Der Volltext ist frei zugänglich (Open Access, CC BY-NC-ND 4.0).
Abstract (Originalsprache)
KAKARETSO Pokello ea litokelo tsa mantlha tsa botho e hlahang khaolong ea bobeli ea Molao-theo oa Afrika Boroa oa 1996, ha e-ea tšela tokelo ea ho nka karolo litabeng tse amang sechaba. Leha ho le joalo, litemana tse ‘maloa tsa Molao-theo li beha boikarabello holima tse fapaneng tsa puso ho ela hloko tokela ea sechaba ea ho nka karolo litabeng tse se amang. Mohlala, temana ea 57(1)(b) e supa hore Lekhotla la Sechaba le ka etsa melaoana ea tsamaiso e tataisang mokhoa oo sechaba setlang ho nka karolo ka oona tšebetsong ea lona. Temana ea 59(1) e beha boikarabello bo akaretsang holima. Lekhotla la Sechaba ho etsa bonnete ba hore sechaba se a kenyeletsoa mesebetsing eohle ea lona: e kaba ho etsa molao, kapa mesebetsing e meng. Boikarabello bo tšoanang bo behiloe holima mekhahlelo e meng ea puso: puso ea li-province le puso ea libaka. Makhotla a molao le oona, a tšoere ka thata ho phethahatsa litemana tsena tsa Molao-theo. Le ha ho le joalo, bothata bo ntse bo le teng ka moo tokelo ena e utluisisehang ka teng le ka moo makhotla a molao a e tolokang ka teng. Tokelo ena e ntse e ipapisitse haholo le kutluisiso ea litokelo ea Bophirima. Kutluisiso ena ea Bophirima e fapane le ea se-Afrika. Ka se-Africa, ho nka karolo hoa sechaba litabeng tse se amang ho ipapisitse le litšia tse kang ‘morena ke morena ka batho’, ‘mooa khotla h’a tsekisoe’, le tse ling. Sepheo sa liphuputso tsena ke ho hanana le katamelo ena e ipapisitseng le ka moo tokelo ena e tolokoang ka teng tlasa kutluisiso ea Bophirima. Khang e kholo ea pampiri ena ke ho bontša ka moo tokelo ena e sebetsang ka teng tlasa kutluisiso ea se-Afrika. Kutluisiso ea se-Afrika ke eona e ka tlisang ho nka karolo litabeng tsa sechaba hoa ‘nete. Sena se ka matlafatsa puso ea sechaba ka sechaba e ipapisitseng le Molao-theo oa Afrika Boroa. ABSTRACT The Constitution of the Republic of South Africa, 1996 does not expressly provide for the right to public involvement within the ambit of the Bill of Rights as contained under Chapter 2. However, various provisions of the Constitution provide for public participation as a mandatory requirement in the legislative process. For instance, s 57(1) obligates the National Assembly to make business rules regarding participatory democracy and public participation, among other considerations. Section 59(1) imposes a much more comprehensive obligation on the National Assembly to facilitate public involvement in its legislative and other processes. The same duty is imposed on the other two levels of government – provincial and local. Superior courts in South Africa are also tenacious in their resolve to enforce public involvement as a condition necessary in the legislative process, insisting that democracy in South Africa is both representative and participative. While this judicial approach to public participation is laudable, its Achilles heel is that it is based on the liberal model of public involvement. According to the liberal model, public involvement still yields precepts of representative democracy. This approach is antithetical to the African conception of public participation. The African conception of public involvement allows participation in public affairs and decision-making. This conception is based on profound aphorisms like ‘morena ke morena ka batho’ and ‘mooa-khotla h’a tsekisoe’, to mention just a few. Hence, the purpose of this article is to critique the liberal and Western conception of the right to public participation in the South African constitutional design, arguing that the African conception of public participation allows people to participate better in matters affecting them and can best enrich the development of constitutional democracy in South Africa.
Zitieren
APA
‘Nyane, H. (2025). Morena ke morena ka batho: Tokelo ea ho nka karolo pusong Afrika Boroa. South African Journal on Human Rights, 41(3-4), 260-279. https://doi.org/10.1080/02587203.2026.2634909
Vancouver
‘Nyane H. Morena ke morena ka batho: Tokelo ea ho nka karolo pusong Afrika Boroa. South African Journal on Human Rights. 2025;41(3-4):260-279. doi:10.1080/02587203.2026.2634909
BibTeX
@article{Nyane2025,
author = {‘Nyane, Hoolo},
title = {Morena ke morena ka batho: Tokelo ea ho nka karolo pusong Afrika Boroa},
journal = {South African Journal on Human Rights},
year = {2025},
volume = {41},
number = {3-4},
pages = {260--279},
doi = {10.1080/02587203.2026.2634909}
}
EUVIMED